Matsatsing ana, diinvoice ha di hloke ho ba feela ka sebopeho sa pampiri, ho boetse ho na le dikgetho tse se nang pampiri. Ho sebetsa ntle le pampiri ha e le hantle ho ka nolofatsa tshebetso ka ho etsa hore diinvoice di iketsahalle, ha molemo o mong e le hore ho ka fokotsa kgatello ya khabone ya kgwebo. Ho sebetsana le invoice ya elektroniki ho ka bolokela kgwebo tjhelete hobane ha ho hlokahale ho etsa kapa ho isa invoice ya pampiri ho moreki, leha ho le jwalo kamehla ho bohlokwa ho etsa kopi ya pampiri bakeng sa direkoto tsa kgwebo ya lona.
Dintho tse Lokelang ho Nahanwa
Ebang le kgwebo e nyane kapa e kgolo, diinvoice ke karolo ya bohlokwa ho netefatsa hore kgwebo e tsamaya hantle. Dinomoro tsa tshupiso di bohlokwa diinvoiceng, empa le ha kgwebo e sa tswa qala, ha le a lokela ho qala nomoro ya tshupiso ho tloha ho nomoro ya pele. Sena se bontsha bareki feela hore kgwebo ena e ntjha mme mohlomong ke tshebetso ya dikgwebo tse sa tsebeng.
Kamehla netefatsang hore le beha kemiso ya ho fana ka diinvoice. Mohlala e ka ba ho fana ka invoice hang ha tshebeletso kapa projeke e phethetswe, kapa esita le ho beha letsatsi le itseng la ho fana ka diinvoice tsohle tse sa lefuwang ho bareki. Ntle le ho boloka leano le tiileng la diinvoice, ho ka nka nako e telele ho feta e lebelletsweng hore bareki ba lefe, mme kgwebo ya lona e ke ke ya kgona ho nka kotsi ya mofuta oo. Diinvoice ke tsela e ntle haholo ya ho eketsa botsebi kgwebong, sebedisang ditokomane tsena tse matla.
Maikutlo
Ha ho so be le maikutlo.